Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 22:26 - BIBELE

26 Ke tla o rorisa phuthehong e kgolo, kapele ho ba o hlomphang, ke phethe dikano tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ba madimabe ba tla nne ba je, ba kgore; ba batlang Jehova ba tla bina dithoko tsa hae; dipelo tsa lona di tla phela ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 22:26
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a rorisa Morena moo setjhaba sohle se leng teng, a re: “Kamehla le mehla ho roriswe wena, Morena Modimo wa ntata rona, wa ntata rona Iseraele.


O ile a tima lenyora la ba nyorilweng, a kgorisa ba lapileng ka tse molemo.


Ke tla phetha dikano tsa ka, ke di phethe ho Morena, pontsheng ya setjhaba sohle sa hae.


Ke tla phetha dikano tsa ka, ke di phethe ho Morena, pontsheng ya setjhaba sohle sa hae,


Ke boletse tsa ho loka ha hao, ka di bolela phuthehong e kgolo; wena Morena, o a tseba, ha ke a ka ka kgutsa.


Ba ke ba swabe haholo ka baka la ho tlontloloha ha bona, bana ba reng ka nna: “Aha! Aha!”


Nyehella Modimo ka sehlabelo sa teboho, phetha dikano tsa hao ho Ya Hodimodimo.


Hona ho tla kgahlisa Morena ho feta hlabelo sa dipohwana, sa pohwana tse dinaka, pohwana tse dikgolana.


Thabeng ena Morena wa mabotho o tla etsa mokete, a etsetse tjhaba tsohle mokete wa dimonate, a o etse ka veine e ritelehile, dijo di le monate, veine e ritelehile.


Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “Bahlanka ba ka ba tla kgora, empa lona le tla lapa; bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.


Yaba Morena o laela leruarua hore le hlatsetse Jonase lebopong la lewatle.


athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ