Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 22:23 - BIBELE

23 Ke tla tumisa lebitso la hao hara bana beso, ke o rorise hara phutheho, ke re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Lona ba tshabang Jehova, le mo roke; lona kaofela moloko wa Jakobo, le mo rorise; le thothomele pela hae, lona kaofela moloko wa Iseraele!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 22:23
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nke ke bone katleho ya bakgethwa ba hao, ke be le kabelo thabong ya setjhaba sa hao, ke tle ke ithorise mmoho le bao e leng lefa la hao.


Ke tla boka Morena ka lentswe le phefa, ke mo rorise ke le hara matshwele;


Haleluja! Ke tla boka Morena ka pelo ya ka yohle, ke le phuthehong ya ba lokileng.


Lona ba tshabang Morena, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona.


a hlohonolofatse bohle, bohle ba tshabang Morena, ba banyenyane mmoho le ba baholo.


O phetha ditakatso tsa ba mo tshabang, o utlwa sello sa bona, mme o a ba pholosa.


Bohle ba nang le matla lefatsheng ba tla itihela maotong a hae; bohle ba fellang leroleng ba tla mo kgumamela. Nna ke tla phelela yena;


Maoto a ka a eme motsitseng; Morena, ke tla o boka diphuthehong.


Lefatshe lohle le ke le tshabe Morena, baahi bohle ba lona ba mo hlomphe.


Ke tla o boka phuthehong e kgolo, e o rorise hara letshwelehadi.


Ya nnyehellang ka sehlabelo sa teboho ka sona o a ntlotlisa, ya tsamayang ka ho loka ke tla mmontsha kamoo Modimo a pholosang kateng.”


Morena, Modimo wa ka, ke tla o boka ka pelo ya ka yohle, ke tlotlise lebitso la hao kamehla yohle.


Kahoo ditjhaba tse matla di tla o tlotlisa, metse ya tjhaba tse sehloho e o tshabe,


ka mengwaha le mengwaha o mohau ho ba mo tshabang.


Badisa ba nto kgutla ba ntse ba tlotlisa Modimo, ba mo roka ka ditaba tsohle tseo ba di utlwileng, ba di boneng, jwalokaha ba boleletswe.


Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ