Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 22:16 - BIBELE

16 mmetso wa ka o omeletse jwaloka lengetana, leleme la ka le kgomaretse mahalapeng a ka. O nthobaditse leroleng la lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hobane dintja di nteetse hare, lekgotla la ba bolotsana le ntikile, ba hlabile diatla tsa ka le maoto a ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 22:16
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka modumo wa “Kgama ya meso”.


Empa wena Morena, o se be hole le nna; wena, matla a ka, potlakela ho nthusa.


Pelo ya ka e otla habohloko, ke feletswe ke matla; mahlo a ka a fifetse.


Ba fedise ka kgalefo ya hao; ba fedise, ba se hlole ba eba teng, ba tle ba tsebe hore Modimo o a busa, o busa ntlo ya Jakobo, ho isa dipheletsong tsa lefatshe.


Wena Morena, Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, tsoha, o otle baditjhaba bohle, o se ke wa hauhela le ya mong, le ya mong wa mahlabaphiyo ao.


Modimo, baikakasi ba ntsohetse matla, sehlopha sa ba sehloho se batla bophelo ba ka, ha ba na taba le wena.


O ila hlajwa ka baka la ditshito tsa rona, a tetetswa ka baka la dibe tsa rona, kotlo e re tlisetsang kgotso ya mo wela hodimo, ra fodiswa ke maqeba a hae.


Bang ka wena esita le bana beno, bana le bona ba o ekile, ba kene hara letshwele ho o lwantsha, o se ka ba tshepa, leha ba o buisa hantle.”


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Yaba ba tshwereng Jesu ba mo isa ho Moprista e Moholo, Kaiafa, moo Ditsebi tsa Molao le baholo ba neng ba phuthehetse teng.


Yare hoba ba mo thakgise, ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho,


“Se neeng dintja dintho tse halalelang, esere mohlomong tsa reteleha, tsa le harola; leha e le ho lahlela mabenyane a lona a bohlokwa pela dikolobe, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto.”


Ba mo thakgisa, mme ba arolelana diaparo tsa hae ba di arolelana ka lotho ho bona hore na mang o tla nka eng ho tsona.


Empa ba pheella ho howa ka mantswe a phahameng, ba kopa hore a thakgiswe; yaba mehoo ya bona e a mo hlola.


Ha ba fihlile sebakeng se bitswang Lehata, ba mo thakgisa teng le disenyi tseo, se seng ka ho letona, se seng ka ho le letshehadi.


Hoba bahlabani ba thakgise Jesu, ba nka diaparo tsa hae, ba di arola karolo tse nne, mohlabani ka mong a fumana karolo. Ha e le seaparo sa kahare se ne se se na moroko, se lohilwe hohle ho tloha hodimo.


empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakoreng ka lerumo la hae, mme hanghang ha tswa madi le metsi.


Temana e nngwe hape e re: “Ba tla tadima eo ba mo hlabileng.”


Barutuwa ba bang ba re ho yena: “Re bone Morena.” Empa a re ho bona: “Ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka masobeng a dithakgisa, mme ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, ha nka ke ka dumela.”


Yaba o re ho Thomase: “Tlisa monwana wa hao mona, o bone matsoho a ka; o tlise le letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa hloka tumelo, o mpe o be le tumelo.”


Hlokomelang dintjha tseno, hlokomelang bano ba etsang bokgopo, hlokomelang bano ba lebollo le se nang thuso.


Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ