Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 22:15 - BIBELE

15 Ke jwaloka metsi a tsholohang, masapo a ka a tswenehile; pelo ya ka e jwaloka tshotso, e qhibidiha ka sefubeng sa ka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 matla a ka a omile jwaloka lengeta, leleme la ka le manne mahalapeng a ka, o nthobaditse leroleng la lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 22:15
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborahama a boela a re: “Ako bone! Ke bile sebete ho bua le Morena, le hoja ke le lerole le molora feela.


O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”


Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.


Ako hopole, o mpopile seka letsopa; na o tla nkgutlisetsa leroleng hape?


Ke moote, ke manne, o ka mpala dikgopo, ke phonyohile feela ka la mohaswa lesoba.


babusi le bona ba kgaotse ho bua, maleme a bona a maname mahalapeng.


“Moya wa ka o qhashoha kahare ho nna, matsatsi a ho hlokofatswa a mphihletse;


tsohle tse phelang di ne di tla timela, motho le yena, a kgutlele leroleng.


Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”


Ha o ipata sefahleho, di a tshoha; ha o di amoha moya wa hao, di a shwa, di boele di kgutlele leroleng.


Ka ipiletsa ho wena Morena, ka etsa thapedi ho Morena, ka re:


Morena, o tseba tsohle tseo ke di lakatsang, ho fehelwa ha ka ha ho a pateha ho wena.


Sekgobo se hlabile pelo ya ka, ke fedile; ke ne ke lebeletse kutlwelobohloko, empa ha ke a ka ka e fumana; ka batla batshedisi, ka se ke ka ba fumana.


Ke qahilwe tebetebeng ya seretse, ha ho moo nka hatang teng, ka hata ka tsitsa. Ke fihlile kweetseng, maqhubu a nkwahetse.


Pelo e thabileng e tseba ho fodisa, empa moya o hlorileng o tepeletsa mmele.


Kahoo o tla ba le seabo hara ba baholo, kgapo yona a e arolelane le dinatla, hobane bophelo ba hae o ila bo tella lefu, a ba a balellwa le baetsadibe. O ila itjarisa dibe dibe tsa ba bangata, mme baetsadibe a ba rapella.


Leme la lesea le kgomarela mahalapeng, le kgomarela teng ka baka la lenyora; ba banyenyane ba sikila bohobe, empa ha ho ya ba neang le sengwathwana.


Ba bangata ba seng ba shwele ba tla boela ba tsoha: Ba bang ba tsohele bophelo ba kamehla yohle, ba bang ba tsohele hore ba hlajwe ke dihlong, ba nyedisehe kamehla yohle.


Jesu a boela a meketsa ka lentswe le phahameng, mme a neela moya.


Kamora tsena Jesu, ka ho tseba hore jwale tsohle di phethahetse, a re: “Ke nyorilwe,” e le hore Mangolo a phethahale.


Pele ho tsohle, ke le neile seo nna ke se amohetseng, e leng hore Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, ho ya kamoo Mangolo a bolelang kateng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ