13 Dipohwana tse ngata di ntikile, dipoho tsa ditonana tsa Bashane di mpokanetse;
13 Di ahlamisetsa melomo ya tsona ho nna jwaloka tau e harolang, e purumang.
Batho ha ba kopetse melomo ha ba ntshoma, ba ntjabela lerameng ba bile ba nnyefola, ba entse setha-se-wele hodima ka.
Ba jwaloka tau e labalabelang ho harola, le jwaloka tawana e bothileng selaong.
Pholosa bophelo ba ka saboleng; ke bona feela, bo pholose marong a ntja.
Empa nna ke seboko, ha ke motho; ke sekgobo ho bohle, ke nyediswa ke setjhaba.
Morena, o tla shebella hoo ho fihlela neng? Pholosa bophelo ba ka bataneng tse purumang; ke bona feela, bo pholose taung tsena.
Ba nkahlamiseditse melomo, ba re: “Aha! Aha! Re o bone!”
Morena Modimo wa ka, ke tshabela ho wena, ke tshabela ho wena, ako mpholose, o nnamolele ho bohle ba ntlhorisang;
Dira tsa hao di o bebenyetsa melomo, di a o soma, di o tsikitlanyetsa meno, di re: “Re timeditse Jerusalema! Lena ke lona tsatsi leo esale re le emela, le fihlile, re bile re le bone!”
Dira tsa rona tsohle di re bebenyetsa melomo, di a re swenyetsa.
Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.