Dinare di tla bolawa, di bolawe mmoho le bona, ho bolawe le dipohwana le poho tsa diqhashola. Naha ya bona e tla ba qhafutso ya madi, mobu wa bona o tshwetshwethe mafura.
Le tla ja nama ya bahale, le nwe madi a mahosana a lefatshe, jwalokaha eka ke a dipheleu, le a dikonyana, le a dipodi, le a dipohwana tseo kaofela ha tsona e leng tse nontshitsweng tsa Bashane.
“Ruri, motseng ona, Heroda le Pontiuse Pilato, le baditjhaba, le merabe ya Iseraele, ba kopane ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng,