Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 21:7 - BIBELE

7 O e neile mahlohonolo ho isa kgale, wa e thabisa haholo ka boteng ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane morena o itshepetse Jehova; ka kgauhelo ya Mookamedi ya phahameng, a ke ke a sisinyeha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 21:7
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

sera sa ka sa tshoha se re: “Ke mo hlotse,” le ba ntwantshang ba thabela ho wa ha ka.


Kamehla ke ntse ke hopotse Morena, hobane o ka tsohong la ka le letona, nke ke ka sisinngwa.


Pesalema ya Davida. Nkahlolele Morena; metsamao ya ka ha e na kodi, ke a o tshepa, ha ke thekesele.


O motle ho feta bana bohle ba batho, molomo wa hao o a kgahleha, hobane Modimo o o hlohonolofatsa kamehla.


hobane o setshabelo sa ka, qhobosheane e matla mahlong a dira tsa ka.


Lebitso la hae le se ke la lebalwa, le se ke la lebalwa le ka mohla, le hopolwe ha letsatsi le ntse le tjhaba. Ditjhaba tsohle di ke di hlohonolofale, di hlohonolofale ka baka la hae, merabe yohle e mmitse ya lehlohonolo.


Morena, ke o boka ka pelo ya ka yohle, ke bolela dimakatso tsohle tsa hao.


o re ho Morena: “O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”


Yaba o newa puso, le tlotla, le mmuso, e le hore ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba mo sebeletse. Puso ya hae ke puso ya kamehla yohle, e ke keng ya fela, mme mmuso wa hae o ke ke wa timetswa.”


O tshepile Modimo, ha a ke a mo namolele jwale, haeba a mo rata; hobane o itse: ‘Nna ke Mora wa Modimo!’ ”


Hape a re: “Ke tla bea tshepo ya ka ho Morena.” A buela a re: “Ke nna enwa le bana bao Modimo a mphileng bona.”


Davida o ne a tshwenyehile haholo; banna ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majwe, hobane dipelo tsa bona di ne di utlwile bohloko, monna ka mong a llela bara ba hae le baradi ba hae. Empa Davida a ikgothatsa ka ho tshepa Morena Modimo wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ