Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 21:4 - BIBELE

4 O kgahlanyeditse kgosi ka mahlohonolo, wa e rwesa mofapahlooho wa kgauta e hlwekisitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A nna a o kopa bophelo, mme wa mo fa jona, e le bophelo bo bolelele, bo tiileng, bo sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 21:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Madi a bona a tla phetetswa ka hlooho ya Joabe, le ka ditloholo tsa hae kamehla yohle. Empa Morena o tla sitsa Davida, le ditloholo tsa hae, le lelapa la hae, le terone ya hae, ka kgotso ya kamehla.”


Kgosi Solomone yena o tla hlohonolofatswa, mme Morena o tla tiisa terone ya Davida kamehla yohle.”


Jwale moprista Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, a mo rwesa mofapahlooho, a mo nea le Buka ya Molao. Yaba Jowashe o a tlotswa, o etswa kgosi. Setjhaba sa opa mahofi, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”


A nke ke phelele ho o rorisa, dikahlolo tsa hao di ke di nthuse.


Lerato la hao le ke le nketele, ke tle ke phele, hobane ke thabela Molao wa hao.


Ke ho fihlela neng moya wa ka o tla utlwa bohloko, le pelo ya ka e hlomohe ka matsatsi wohle? Sera sa ka se tla ntlhola ho fihlela neng?


Ho jwaloka phoka ya Heremone, e lalang hodima dithaba tsa Sione; ke moo Morena a faneng ka tlhohonolofatso ya hae teng, e leng bophelo, bophelo ba kamehla le mehla.


Lebitso la hae le se ke la lebalwa, le se ke la lebalwa le ka mohla, le hopolwe ha letsatsi le ntse le tjhaba. Ditjhaba tsohle di ke di hlohonolofale, di hlohonolofale ka baka la hae, merabe yohle e mmitse ya lehlohonolo.


Ke tla mo hauhela kamehla, selekane sa rona le yena e tla ba se tiileng.


Ke tla mo sitsa ka ditshiu tse telele, ke mmontshe ho pholosa ha ka.”


Ke yena ya tla haha Tempele ya Morena. O tla apeswa botlotlehi, a rene a dutse teroneng ya hae. Moprista le yena o tla dula teroneng ya hae, mme bobedi ba bona ba tla sebetsa mmoho ka kgotso le ka kutlwano.


ke nna ya phelang. Ke ne ke shwele, empa ke nna enwa ke phela kamehla le mehla. Ke tshwere dinotlolo tsa lefu le tsa Nqalo ya Bafu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ