12 Ha ba rera ho o etsetsa bobe, ha ba loha mano, ba ke ke ba atleha;
12 o tla ba balehisa ka ho lebisa seqha sa hao difahlehong tsa bona.
Haeba ke sitilwe, ke o sinyeditseng? Wena Molebedi wa batho? Ke ka dife o nkentseng pakane ya hao, hoo le nna ke seng ke bile ke itenne?
Morena a thwathwaretsa, a thwatharetsa a le mahodimong, Ya Hodimodimo a utlwahatsa lentswe la hae;
O mmatlafaletsa ntwa, ba ntwantshang o ba bea tlasa ka.
Empa jwale o re lahlile, wa etsa hore re tlontlolohe; ha o sa tswa le mabotho a rona.
O tseba ho lelera ha ka, o kgakeleditse meokgo ya ka, o e kgakeleditse ka lefiswana; na tsee ha di a ngolwa bukeng ya hao?
Ba rera bokgopo, ba re: “Re lohile mano ka bohlale.” Mehopolo ya motho ke kweetsa, le pelo ya hae ke kweetsa.
Ke a o thabela, ke nyakallela ho wena; ke roka lebitso la hao, wena Ya Hodimodimo.
Le ka rala merero ya lona, empa e tla nyopa; le ka bua haholo, ho ke ke ha phethahala letho, hobane Modimo o na le rona.
A hula seqha sa hae, a fula, a nketsa sekgopi sa metsu ya hae.