Hase ka sabole ba hapileng naha eo, leha e le ho hlola ka matsoho a bona; empa e bile ka tsoho la hao le letona, le ka sefea sa hao, le ka ho ba phuthollela fahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.
empa ba tshepileng Morena ba tla tsoha molota, ba fofele hodimo jwaloka ntsu; ba tla matha, empa ba ke ke ba kgathala, ba tsamaye, ba se ke ba fellwa ke matla.
Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba bona tse hlollang tseo a di entseng, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida!” ba halefa haholo.
Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”