Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 20:4 - BIBELE

4 A ke a hopole dinyehelo tsohle tsa hao, a thabele ditjheso tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethise tseo o di rerileng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 20:4
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monga ka, kgosi ya ka, mohlanka wa hao o o nea tsena tsohle.” Arauna a boela a re ho kgosi: “Morena Modimo wa hao, a ke a amohele nyehelo ya hao.”


Kgosi Solomone a fa mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a neng a di lakatsa, le tsohle tseo a ileng a di kopa. A mo fa dimpho tse fetang tseo mofumahadi a ileng a mo tlisetsa tsona. Yaba mofumahadi wa Sheba o kgutlela naheng ya hae, a ena le bahlanka ba hae.


O phetha ditakatso tsa ba mo tshabang, o utlwa sello sa bona, mme o a ba pholosa.


Kgosi e thabela matla a hao Morena, e nyakallela thuso ya hao hakaakang!


Thabela Morena, mme o tla o nea tse lakatswang ke pelo ya hao.


Ya lokileng o lakatsa tse molemo, ya kgopo yena o emetswe ke kgalefo.


mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.”


Nna ke a tseba hore o nkutlwa kamehla, empa ke buile ka baka la letshwele le nteetseng hare, hore le tle le dumele hore o nthomile.”


Mohlang oo ha le na ho mpotsa letho. Kannetenete, ke a le bolella hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le nea yona.


Empa mosadi wa hae a re ho yena: “Haeba Morena a ne a rata ho re bolaya, a ka be a sa ka a ananela nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo e tswang matsohong a rona. Hape a ka be a sa ka a re bontsha dintho tsena tsohle, mme a ka be a sa ka a re bolella dintho tse kang tsena, ka nako ena.”


Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ