Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 20:3 - BIBELE

3 A ke a o thuse a le Sehalalelong, a o tshehetse a le Sione.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 A ke a hopole dinyehelo tsa hao kaofela, a amohele ditjheso tsa hao! (Sela.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 20:3
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abele le yena a mo tlisetsa matsibolo a nonneng a mohlape wa hae. Morena a kgahlwa ke Abele le nyehelo ya hae,


Davida a hahela Morena aletare hona moo, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. A rapela Morena, mme Morena a mo arabela ka ho theola mollo o tswang lehodimong, a o theolela hodima aletare ya nyehelo ya setjheso.


Hoba Solomone a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa fihla wa tjhesa nyehelo ya setjheso le mahlabelo, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Tempeleng.


Morena a ke a o hlohonolofatse, a o hlohonolofatse a le Sione, o tle o bohe katleho ya Jerusalema ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hao.


Morena a ke a o hlohonolofatse, a o hlohonolofatse a le Sione, yena ya entseng mahodimo le lefatshe.


Sehlabelo se ratwang ke Modimo: ke moya o swabileng; ke pelo e swabileng, e hlomohileng; oho, Modimo, o ke ke wa e kgesa.


Mehlape yohle ya Kedare e tla phuthwa, e tliswe ho wena, dipheleu tsa Nabajota di tla o sebeletsa, di etswe nyehelo e amohelehang aletareng ya ka, ebe Tempele ya ka ke e tlotlisa haholo.


Mollo wa tswa ho Morena, wa tjhesa nyehelo ya setjheso, le mafura a hodima aletare. Ha setjhaba sohle se bona hona, sa howa ka thabo, mme sa itihela fatshe ka difahleho.


A le tadima, a tshoha, mme a re: “Keng, Morena?” La re ho yena: “Dithapelo le dithuso tsa hao ho mafutsana di amohelehile ho Modimo, mme o o hopotse.


Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ