Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 20:2 - BIBELE

2 Morena a ke a o arabe tsatsing la matshwenyeho, lebitso la Modimo wa Jakobo le o sireletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A ke a o romele thuso ya hae e tswang sehalalelong, a o fe ho tiya a le Sione!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 20:2
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, Davida a hapa qhobosheane ya Sione, e leng yona motse wa Davida.


Ba tlisa areka ya Morena, ba e bea ditulong tsa yona, bohareng ba tente eo Davida a neng a e hlometse yona. Davida a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho.


Motsheo ho Tempele a haha motero ka mapolanka a kedare, a o haha ho tloha fatshe ho ya fihla marulelong. Bophahamo ba wona e ne e le dimethara tse robong, o sireleditse Sehalalelo le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.


Empa wena Morena, o thebe e ntshireletsang, o mpha seriti, o ntsosa molota.


Oho, Modimo, ako mpholose, mpholose ka baka la lebitso la hao, o nkahlolele ka matla a hao.


ho fihlela ke ba ke kena Sehalalelong, Sehalalelong sa Modimo, mme ke utlwisisa seo qetello ya ba kgopo e tla ba sona.


Lebitso la Morena ke qhobosheane, ya lokileng o tshabela teng, a sireletsehe.


Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”


Ho tla thweng ha ho arajwa maqosa a naha eo? “Morena o tsitsisitse Sione, bahlophehi ba tjhaba sa hae ba tla tshabela teng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ