Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 2:2 - BIBELE

2 Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 2:2
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o ka lehlakoreng la hao, hlakoreng le letona, o tla thuakanya dikgosi mohla letsatsi la kgalefo ya hae.


Jwale he, halefang, lona dikgosi; eletsehang, lona babusi ba lefatshe.


Terone ya hao, Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso ke lere la toko.


Modimo o teng matlung a bokgosi, matlung a bokgosi a motse oo, yena o tsejwa e le qhobosheane.


Bonang, dikgosi di ile tsa kopana, tsa o futuhela di le mmoho.


Morena, ako hopole kamoo sera se o nyefolang kateng, kamoo setjhaba sa dithoto se nyedisang lebitso la hao kateng.


Se lebale ho rora ha ba o lwantshang, ho eketseha ha lerata la ba o tsohelang matla.


Ba rerisana ba le pelonngwe, ba entse selekane ho o lwantsha:


Wa na wa bua le batshepuwa ba hao, wa bua le bona ka pono, wa re: “Ke thusitse mohale, ka phahamisa ya kgethilweng, ya kgethilweng hara setjhaba.


Hoseng le tla bona tlotla ya Morena, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Jwale rona re bo-mang, hoo le ka re korotlelang?”


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa;


Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.


Jwale baprista ba baholo le setjhaba ba phuthehela ha Moprista e Moholo ya bitswang Kaiafa,


Baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba leshano bo ka tswang Jesu hore ba tle ba mmolaye,


E sa le kameso, baprista le baholo bohle ba setjhaba ba rera ho bolaya Jesu.


Ka yona nako eo Bafarisi ba bang ba atamela, ba re ho Jesu: “Tloha mona, o ikele, hobane Heroda o rata ho o bolaya.”


Andrease a qala ka ho batla ngwanabo, Simone, a re ho yena: “Re fumane Mesia,” ke ho re: Kreste.


Eo Modimo a mo romileng o bolela dipolelo tsa Modimo, hobane Modimo o fana ka Moya ho se tekanyetso.


kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: “Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?”


O rata ho loka, o hloile bokgopo; kahoo Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo, ho ena le balekane bohle ba hao.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ