Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 18:41 - BIBELE

41 O etsa hore dira tsa ka di ntshupe ka direthe, ba ntlhoileng ke a ba timetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Ba howa, empa monamoledi a ba siyo; ba howeletsa ho Jehova, mme ha a ka a araba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 18:41
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na Modimo a ka mamela, a mamela sello sa hae, ha tlokotsi e se mo wetse hodimo?


Baditjhaba ba ne ba ntikanetse kaofela, empa ka ba tamukanya ka lebitso la Morena.


Ba ntikanela, ba ntikanela kamahohle, empa ka ba tamukanya ka lebitso la Morena.


“Lona ba lebalang Modimo, le ke le lemohe tsena, esere ka le harola, mme la hloka ya le namolelang.


ba tla ipiletsa ho nna ke se ke ka ba araba, ba mpatle ba se ke ba mphumana.


Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.


Ka baka lena, Morena o bua tjena: “Ke tla ba dihela koduwa eo ba ke keng ba e phema. Leha ba ka ipiletsa ho nna ha nka ke ka ba mamela.


Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.”


Ka baka lena, ke tla ba halefela haholo. Nke ke ka ba ka ba hauhela, kapa hona ho ba utlwela bohloko. Leha ba ka howeletsa haholo ha ba ipiletsa ho nna, nke ke ka ba mamela.”


Ha ba ipiletse ho nna ka dipelo tsa bona, ba bokollela phateng tsa bona feela. Ha ba llela koro le veine ba a itshehaka, empa nna ba a mphetohela.


Ke moo ba tla ipiletsa ho Morena, Morena a ke ke a ba araba. Mohlang oo o tla ba patela fahleho sa hae, ka baka la diketso tsa bona, ketso tsa bona tse kgopo.


“ ‘Jwalokaha ba sa ka ba mamela ha ke ne ke ba bitsa, le nna ha ke a ka ka ba mamela ha ba ipiletsa ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Ha monga ntlo a se a ile a ema, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle le ho kokota monyako, le re: ‘Monghadi, ako re bulele;’ o tla le araba, a re: ‘Ha ke tsebe hore na le ba hokae.’


Kamora tsena Joshua a otla dikgosi tseo, a di bolaya, a di leketlisa difateng tse hlano. Ditopo tsa tsona tsa leketla difateng moo ho fihlela mantsiboya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ