Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 18:30 - BIBELE

30 Ka thuso ya hao nka thula dira tsa ka, ka thuso ya Modimo wa ka nka tlola lerako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ditsela tsa Modimo di lokile; lentswe la Jehova le tshekehile; ke thebe ho bohle ba itshepetseng yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 18:30
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Tsela tsa Modimo di phethehile, tshepiso tsa Modimo ke tsa nnete, yena ke thebe ya bohle ba tshabelang ho yena.


Tshepiso ya hao ke ya nnetenete, mohlanka wa hao o a e rata.


Morena o re: “Ka baka la ho tujwa ha bahlophehi, le la ho dumaela ha mafutsana, jwale ke kena dipakeng; ke tla ba fa pholoho eo ba e hloretseng.”


Ako bonahatse mohau wa hao, mohau o hlollang. Ba balehelang ka tsohong la hao le letona, ke wena ya ba pholosang ho ba ba tsohelang matla.


Ditsela tsohle tsa Morena ke tsa mohau le botshepehi, ho ba bolokang selekane sa hae, le ho ba bolokang ditemoso tsa hae.


“Polelo tsohle tsa Modimo ke tsa nnete. Ke thebe ho bohle ba mo tshepang.


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.


“Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla.


Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: “Mesebetsi ya hao e meholo, e tsoteha hakaakang, Morena Modimo ya matla wohle! Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Kgosi ya ditjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ