Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.
Davida a kenya letsoho la hae ka kotleng ya hae, a ntsha lejwe, a le betsa ka letjeketjane, la bata Mofilesita phatleng. Lejwe leo la fohlotsa phatla ya Mofilesita, mme Mofilesita a re ka sefahleho fatshe polopoqo!
Yaba Davida o botsa Morena, o re: “Na nka futuhela Bafilesita baa?” Morena a re ho Davida: “Eya, o futuhele Bafilesita, mme o namolele motse wa Keila.”
Jwale Davida a botsa Morena, a re: “Na nka phallela bahlasedi bale? Ebe ke tla ba fumana?” Morena a mo araba, a re: “Ba phallele, hobane o tla fela o ba fumane, o be o ba hlatsise tsohle.”