Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona,
Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona!
Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.
Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka.
Tjhaba sa ka se timetswa ke ho hloka tsebo. “Kahobane tsebo o se o e lahlile, le nna ke tla o lahla jwalo, o ke ke wa ba moprista wa ka; kaha o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna bana ba hao ke tla ba lebala.
“Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a lokafaditswe ho ena le yane, hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”
Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.
Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?