Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 18:21 - BIBELE

21 Morena o mputsitse ho ya ka ho loka ha ka, o mpuseleditse ho ya ka ho hloka molato ha ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane ke bolokile ditsela tsa Jehova, mme ha ke a ka ka kwenehela Modimo wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 18:21
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehoshafate a tsamaya mehlaleng ya ntatae Asa, a se ke a kgeloha, a mpa a kgahlisa Morena.


Yaba Josiya o tlosa manyala wohle dinaheng tsohle tseo e neng e le tsa bana ba Iseraele. A etsa hore bohle ba fumanwang naheng ya Iseraele ba sebeletse Morena Modimo wa bona. Nakong yohle ya ho phela ha Josiya, ha ba a ka ba kgeloha, ba ile ba latela Morena Modimo wa bo-ntata bona.


Ha ke furalle dikahlolo tsa hao, hobane ke wena ya nthutileng tsona.


Ho ya ka mantswe a tswang molomong wa hao, ke qobile mekgwa ya dinokwane.


Pesalema ya Davida. Nkahlolele Morena; metsamao ya ka ha e na kodi, ke a o tshepa, ha ke thekesele.


Morena o ahlola ditjhaba. Nkahlolele, Morena, ho ya ka ho loka ha ka, le ho ya ka ho hloka kodi ha ka.


“Jwale, bana ba ka, mmameleng! Ho lehlohonolo ba tsamayang tseleng tsa ka.


Kgosi ya thaba haholo, mme ya laela hore Daniele a ntshwe ka mokoting o moholo wa ditau. Yaba Daniele wa ntshwa, mme a fumanwa a se na le mongwaponyana feela, hobane o ne a tshepa Modimo wa hae.


Kahona ke leka hore kamehla ke be le letswalo le kgutsitseng pela Modimo le batho.


Lona le dipaki, le Modimo ke paki ya kamoo lona ba dumelang re ileng ra le tshwara kateng ka mokgwa o halalelang, o lokileng, o sa nyatseheng.


Ke ba intshitseng ho rona, feela e ne e hlile e se ba rona, hobane hoja e ne e le ba rona, ba ka be ba ntse ba le ho rona. Jwale ba intshitse hore ho tle ho bonahatswe hore hase ba rona kaofela ha bona.


“Ke a itshwabela ha e le mona ke ile ka etsa hore Saule e be kgosi, hobane o mphuraletse, ha a ya phetha seo ke mo laetseng sona.” Hona ha halefisa Samuele, mme a ipiletsa ho Morena bosiu bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ