Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 18:15 - BIBELE

15 a fula ka metsu ya hae, dira tsa qhalana, a betsa mahadima, mme tsa phasaphasa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mangope a lewatle a hlaha, metheo ya lefatshe ya hloboleha ka kgalemelo ya hao, Jehova, ka pudulo ya moya o tswang dinkong tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 18:15
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Madiba a mawatle a bonahala tlasetlase, metheo ya lefatshe ya phetleha ha ho omana wena Morena, ha ho foka moya o tswang ka nkong tsa hao.


Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.’ ”


O tshwere lehadima ka matsoho a hae, o laela hore le otle botsekeng.


Ha Modimo a halefa ba a timela, fefo sa kgalefo ya hae se ba fedise.


O tiisitse lefatshe hodima metheo ya lona, le ke ke la sisinyeha ho isa kgale.


A kgalemela Lewatle la Sufe, yaba le a psha; a ba tsamaisa madibeng jwalokaha eka ke sebataolong.


Betsa mahadima, dira di tle di qhalane, o fule ka metsu ya hao, di tle di phasaphase.


Ke wena ya ileng a bulela didiba, wa bulela le dinokana, wa pshesa dinoka tse phallang kamehla.


Dinatla di hlakotswe kgapo ya tsona, tsa robala boroko ba lefu; bahlabani bohle ba sitilwe ho itwanela.


Maru a nesa pula, mahodimo a thwathwaretsa, mahadima a hao a tsekema kahohle.


Bona dira tsa hao, Morena, bona, dira tsa hao di a timela; bohle ba kgopo ba a qhalanngwa.


Ka moya o tswang nkong tsa hao metsi a bokellana, metsi a phallang a ema jwaloka lerako, madiba a tuduana botebong ba lewatle.


empa mafutsana o tla a ahlolela ka toka, ba ikokobeditseng ba naha ena a ba sebeletse ka toka, polelo tsa hae e be thupa e otlang naha ena, kahlolo tsa hae di timetse ba kgopo.


Kgale setjhesetso se lokiseditswe kgosi, se batsi, se bile se tebile; jwang le dihotetso di entse pokella, ho phefumoloha ha Morena ho kang nokana ya sebabole, ho tla se hotetsa se laime malakabe.


Morena o bua tjena: “Haeba mahodimo a hodimo a ka lekanngwa, le metheo ya lefatshe e ka fihlelwa, ke tla furalla ditloholo tsohle tsa Iseraele, ka baka la tsohle, tseo di di entseng,” ho rialo Morena.


Ke ne ke tebile, ke le tlase ho dithaba, mekwallo ya Nqalo ya Bafu e nkwalletse ruri; empa wena Morena Modimo wa ka, o mpholositse Nqalong eo ya Bafu.


Lona dithaba, mamelang qoso ya Morena; lona metheo ya lefatshe, sekehang tsebe. Lona metheo e tiileng sekehang tsebe. Morena o qosa setjhaba sa hae, Morena o tsekisana le Baiseraele.


Ke moo Morena a tla hlaha, a ba okamele, motsu wa hae o tsekeme sa lehadima. Morena Modimo o tla letsa lenaka, a tsamaye kahara difefo tsa borwa.


Yare ha Samuele a ntse a etsa nyehelo ya setjheso, Bafilesita ba atamela ho tla lwantsha Baiseraele. Empa ka lona letsatsi leo, Morena a otla Bafilesita ka letolo le leholo, a ba ferekanya, mme ba bolawa ke Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ