Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 18:13 - BIBELE

13 maru a apolwa ke kganya e mo etellang pele, ha na sefako sa mashala a tukang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jehova a duma lehodimong, Mookamedi ya phahameng a utlwahatsa lentswe la hae, e le difako le mashala a hlenneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 18:13
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na tsoho la hao le tshwana le la Modimo, hoo o ka kirietsang ka ntswe le kang la hae?


Yare ha o kgaruma, metsi a baleha; ha letolo la hao le thwathwaretsa, a tutumolotseha;


Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala, mashala a hlenneng le sebabole, kabelo ya bona e tla ba moya o tukang.


Ba ntikanetseng ba se tsohe molota, ditshokelo tsa bona di ke di ba wele hodimo.


Dikgomo tsa bona a di bolaya ka sefako, le mehlape ya bona ka letolo.


Setjhaba sohle se ne se utlwa diaduma, le modumo wa lenaka; se bona mahadima le thaba e foqohang mosi, mme sa thothomela, sa emella hole.


Sefako sa na, mmane wa nna wa tsekema hara sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona naheng yohle ya Egepeta, haesale naha eo e eba le baahi.


Modumo wa mapheo a dikerubime o ne o utlwahala ho ya fihla lebaleng le kantle, o tshwana le lentswe la Modimo ya matla wohle ha a bua.


Lefu la sewa le mo eteletse pele, feberu yona e latela mehlaleng ya hae.


Letshwele le neng le eme moo, ha le utlwa, la re ke letolo. Ba bang ba re: “Lengeloi le buile le yena.”


Sekoboto, feberu le sewa di tla ba qeta, ke romele dibatana di ba harole, le mahloko a dihahabi tsa lefatshe.


Yare ha ba ntse ba baleha Baiseraele, ba le motheong wa Bete-Horone, Morena a ba nesetsa sefako se dinaka, se tswang lehodimong, ba ba ba ya fihla Aseka, mme ba eshwa. Ba bolailweng ke sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke Baiseraele ka sabole.


Ka boela ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi, ho kang modumo wa metsi a lewatle, le ho kang modumo wa letolo le matla, ho re: “Haleluja! O a busa Morena, Modimo wa rona ya matla wohle.


Mahadima, le melumo, le letolo, di ne di betseha teroneng. Mabone a supileng a ne a tuka kapele ho terone: Ke meya e supileng ya Modimo.


Yaba lengeloi le nka pitsa eo ho tjhesetswang mokubetso ka ho yona, le e tlatsa ka mollo o tswang aletareng, mme le e akgela lefatsheng. Ha eba le letolo, le medumo, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.


Yare ha Samuele a ntse a etsa nyehelo ya setjheso, Bafilesita ba atamela ho tla lwantsha Baiseraele. Empa ka lona letsatsi leo, Morena a otla Bafilesita ka letolo le leholo, a ba ferekanya, mme ba bolawa ke Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ