Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 17:4 - BIBELE

4 Ho ya ka mantswe a tswang molomong wa hao, ke qobile mekgwa ya dinokwane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha ke lemoha diketso tsa batho, ka lentswe la hao ke sesefile ditsela tsa batho ba sehloho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 17:4
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahlong a Modimo lefatshe le ne le bodile, le tletse dipolayano.


Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.


a ka tshepa motho jwang, a le manyala, a tletse podile, a momorotsa bokgopo sa metsi a mophoko?”


“Haeba nkile ka pata sebe sa ka jwaloka Adama, ka ho boloka makgopo a ka ka fubeng sa ka,


Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”


A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Modimo.’ ”


Jesu a re ho yena: “Le teng ho ngotswe, ho thwe: ‘O se ke wa leka Morena Modimo wa hao.’ ”


Ba halaletse nneteng; lentswe la hao ke nnete.


hobane le ntse le le ba lefatshe. Ha e le mona le sa na le mohono le diqabang hara lona, na hoo ha ho supe hore le ba lefatshe, mme le laolwa ke tsa botho?


Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.


Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.


Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona.


Di ne di buswa ke kgosi eo e leng lengeloi la mohohlo o se nang pheletso, le bitswang Abadone ka Seheberu, athe ka Segerike lebitso la lona ke Apoleone.


Morena a mpe a nthibele, ke se ke ka phahamisetsa motlotsuwa wa hae letsoho. Jwale ke a o rapela: Nka lerumo le pela hlooho ya hae, le lekuka la metsi, re tsamaye.”


Empa Davida a re ho Abishai: “O se ke wa mmolaya! Ke mang ya ka phahamisetsang motlotsuwa wa Morena letsoho, yaba ha a fumanwe a le molato?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ