Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 17:14 - BIBELE

14 ka letsoho la hao mpholose Morena, mpholose ho batho bana ba lefatshe, bao moputso wa bona o leng bophelong bona. Ba kgorise sa mpanaphatloha, ba kgorise ka tseo o ba boloketseng tsona; le bana ba bona ba tla di kgotsofalla, ba tle ba di siele le ditloholo tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 17:14
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.


Ke efe ho tsona tsohle e hlokang tsebo ya hore Morena o entse tsohle ka letsoho la hae?


hoba palo ya kgwedi tsa hae ha e fedile, boiketlo ba lapa la hae ha a sa bo natsa.


Empa ke ka yena matlo a bona a tletseng menono, kahoo nna ke hole le keletso tsa ba kgopo.


Bona, matsatsi a ka o a lekantse, o a lekantse ka bophara ba seatla, bolelele ba bophelo ba ka hase letho mahlong a hao. Ruri motho ya phelang ke lefeela.


Ba kgopo ba jwalo; kamehla ba qhwaolla dikobo, ba ikatisetsa maruo.


ha o ka e batla sa hoja o batla silefera, wa e batla sa tlotlo e le patuwe;


“Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng ha motho a le fumana, a le pata, mme thabong ya hae a ya rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reka tshimo eo.”


“Empa Aborahama a re: ‘Ngwana ka, hopola hore tse molemo tsa hao o di amohetse bophelong ba hao; ka mokgwa o jwalo Lasaro o amohetse tse mpe, empa jwale o tshediswa mona, ha wena o hlokofatswa.


“Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.


Ha le ne le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le ratile seo e leng sa lona, empa kahobane le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile ho ba lefatsheng, lefatshe le le hloile ke hona.


Ke ba neile lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, hobane hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.


A re ho bona: “Lona le ba tlase mona, nna ke wa hodimo; lona le ba lefatshe lena, nna ha ke wa lefatshe lena.


Le phetse menateng le menyakeng mona lefatsheng, la inontshetsa letsatsi leo ka lona le tla hlajwa jwaloka dinku.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ