Yaba Morena o re: “Ke ne ke tla thabela ho le etsa bana ba ka, ke le abele naha e kgahlehang, lefa le letle ho feta mafa a tjhaba tsohle. Ka ba ka re: Lona le tla mpitsa Ntate, mme le ke ke la kgaotsa ho ntatela.
“Ka baka leo, Morena o bua tjena: “ ‘Mohatsa hao otla fetoha seotswa hara motse, bara le baradi ba hao ba bolawe ka sabole. Naha ya heno e tla arolelwa basele, wena o yo shwela naheng, naheng e silafetseng. Ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”
Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: ‘Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!’ ”
Ha re le bana ba Modimo, re majalefa, majalefa a Modimo; re majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re ena le kabelo mahlokong a hae, hore re tle re be le kabelo tlotlisong ya hae.
Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi,
Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.