Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 150:5 - BIBELE

5 mo roriseng ka mangenengene a ketemanang, mo roriseng ka mangenengene a llang haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O roriseng ka simbala e modumo o hlakang; o roriseng ka simbala e modumo o hlakang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 150:5
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko kapele ho Morena, ba letsa diletsa tsa mefutafuta tse entsweng ka sefate sa modutu; ba letsa le diharepa, le dikatara, le meropa, le merutlhwana, le matlheretlhere.


Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko ka sefutho se seholo, ba le kapele ho Modimo. Ba letsa diharepa, le dikatara, le meropa, le matlheretlhere, le diterompeta.


Davida a buisana le bao e leng dihlooho tsa Balevi, hore ba kgethe bana babo bona ba tla bina ka diletsa, e leng dikatara, le diharepa, le matlheretlhere, ba bine haholo, ba thabile.


Dibini tsena, bo-Hemane le Asafo, le Etane, tsa kgethelwa hore di letse matlheretlhere a lethose.


Yaba Baiseraele bohle ba tlisa areka ya Morena ka ditlatse, le ka medumo ya manaka, le ka diterompeta, le ka matlheretlhere; ba letsa le dikatara, le diharepa.


Asafo ya eba yena hlooho, a hlahlangwa ke Sekariya. Bo-Jeiele, le Shemiramote, le Jehiele, le Matiteya, le Eliabe, le Benaya, le Obede-Edomo, le Jeiele, bona ba ne ba letsa dikatara, le diharepa, athe Asafo yena o ne a letsa matlheretlhere.


Bo-Davida le balaodi ba mabotho ba kgetha ba bang ba bara ba Asafo, le ba Hemane, le ba Jedutune, hore ha diharepa, le dikatara, le matlheretlhere, di ba kenya moya, ba phatlalatse molaetsa wa Modimo. Lenane la banna ba neng ba sebetsa mosebetsi ona ke lena:


Batho bana bohle ba ne ba okametswe ke ntata bona, ba bina ka Tempeleng ya Morena; ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, nakong ya ditshebeletso ka Tempeleng ya Modimo, ho latela taelo ya kgosi ho bo-Asafo, le Jedutune, le Hemane.


Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ