9 O fepa diphoofolo ka dijo tsa tsona, le madinyane a makgwaba ka tseo a di llelang.
9 o fa diphoofolo dijo tsa tsona, o fepa madinyane a makgwaba a llang.
O bokelle dijo tsohle tse tla jewa, o di kenye ka arekeng, e tle e be dijo tsa hao le tsa diphoofolo.”
Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo, ha madinyane a lona a ipiletsa ho Modimo, a lelera hohle ke ho hloka dijo?
Ke yena ya fepang dibopuwa tsohle; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?
Lemohang makgwaba: Ha a jale, ha a kotule, ha a na ntlo ya polokelo, leha e le sesiu, empa Modimo o a a fepa. Lona le feta dinonyana hakaakang!