Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 147:5 - BIBELE

5 Morena wa rona o moholo, o matla haholo, kelello ya hae e ke ke ya lekanngwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Morena wa rona o moholo, matla a hae a maholo ka ho fetisisa; kutlwisiso ya hae ha e na ho lekanngwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 147:5
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle.


“Modimo o matla, empa ha a nyedise batho; ha ho letho leo a sa le tsebeng.


Ruri ke a tseba hore Morena o moholo, Morena wa rona o moholo, o moholo ho medimo yohle.


Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, boholo ba hae ha bo fihlelwe.


Ho lehlohonolo motho ya tshepang, ya beileng tshepo ya hae ho Morena, ya sa kgemeng le baikakasi, le ba kgeloswang ke mashano.


Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle.


Morena o moholo, Sione, o okametse ditjhaba tsohle.


Na ha le tsebe, kapa ha le eso utlwe? Morena ke Modimo wa kamehla yohle, ke yena Mmopi wa lefatshe lohle. A ke ke a kgathala kapa a tepella, mehopolo ya hae e ke ke be ya fihlelwa.


Ha ho ya tshwanang le wena Morena, wena o moholo, bitso la hao le leholo, le matla.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, wena Kgosi ya ditjhaba? E hlile ho tshajwa, wena ho a o lokela. Hara banna bohle ba bahlalefi ditjhabeng, banna ba bahlalefi ba mebusong ya bona, ha ho le ya mong ya tshwanang le wena.


Daniele a bua, a re: “Ho bokwe lebitso la Modimo, le bokwe kamehla, hobane bohlale ke ba hae, le matla ke a hae.


Morena o dieha ho halefa, o matla haholo, a ke ke a lesa ho otla ba molato. O tsosa setsokotsane le sefefo ha a tsamaya, maru a ke lerole maotong a hae.


Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang!


Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: “Mesebetsi ya hao e meholo, e tsoteha hakaakang, Morena Modimo ya matla wohle! Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Kgosi ya ditjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ