15 Ke yena ya ntshang taelo ya hae e yang lefatsheng, molaetsa wa hae o a potlaka.
15 O romela lefatshe taelo ya hae, lentswe la hae le tjhatjhametsa kapelepele.
“Haeba a ikgutsetsa a ka nyatswa ke mang? Ha ipata sefahleho, teng a ka bonwa ke mang? O okametse batho le ditjhaba ka ho tshwana.
Maru a ntsa phethesela tseleng ya wona, a aparetse lefatshe kahohlehohle, a phetha taelo tseo Modimo a di entseng.
A laela, mme ba fola, a ba phemisa lebitla.
A laela, ha tsoha sefefo, sa phahamisa maqhubu a lewatle;
O ne a bue, mme tsa eba teng; a laela, mme tsa hlaha.
mohlape wa hao wa fumana bodulo teng, boo ka mohau wa hao o bo lokisitseng, wa bo lokisetsa bahlophehi.
Yaba Morena a fokisa moya o matla hodima lewatle, mme ha tsoha sefefo se tshabehang se ileng sa batla se thua sekepe.
Yaba Jesu o re ho molaodi wa lebotho: “Eya, o etsetswe jwalokaha o dumetse!” Mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo.
Bana beso, re qetella ka ho re le re rapelle, e le hore lentswe la Morena le nne le anafale, le tlotliswe, jwalokaha le se le tlotlisitswe ho lona.