Dipesaleme 147:13 - BIBELE13 O tiisitse mekwallo, mekwallo ya dikgoro tsa hao, a hlohonolofatsa bana ba hao ba phelang ho wena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)13 Hobane o tiisa mekwallo ya menyako ya hao, o hlohonolofatsa bara ba hao kahare ho wena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba ke re ho bona: “Menyako ya Jerusalema e se ke ya ba ya bulwa ho fihlela ha letsatsi le eba hloohong tsa mengala. Ha balebedi ba ntse ba le mosebetsing, menyako ya motse e kwalwe, ho be ho bewe mekwallo. Hara baahi ba Jerusalema le kgethe balebedi; ba bang ba lebele dibaka tse itseng, ba bang ba lebele kapele ho matlo a bona.”
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.
“Ka baka lena tseba, o utlwisise: Ho tloha mohla ho phatlalatswang taelo, taelo ya hore Jerusalema e tsoswe, ho fihlela ha mmusi a fihla, mmusi ya tlotsitsweng, lemo tse supileng hasupa di tla feta. Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe, ho betlwe diterata le marako a tsoswe; e tsitse dilemo lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, empa mehla ena e tla be le ya ditsietsi!