Ba kgahlwang ke ho loka ha ka ba ke ba thabe, ba etse ditlatse; kamehla ba re: “Morena o moholo, yena ya kgahlwang ke kgotso, kgotso ya mohlanka wa hae!”
Ha o ka ke wa hlola o bitswa Molahluwa, kapa naha ya hao e bitswe Nanaola; empa o tla bitswa Monnyakalatsi, naha ya hao e bitswe Monyaduwa, hobane Morena o thabiswa ke wena, naha ya hao e tla ba mohatsa Morena.
Morena Modimo wa hao, o na le wena, ke senatlahadi se tla o lwanela. O tla o thabela ka nyakallo, a o rate ka lerato la sebele, a howeletse, a o hlabele medidietsane, a e hlabe sa mohla tsatsi la mokete.”
Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.
Haeba le rapela Modimo e le Ntata lona, yena ya ahlolang motho ka mong ka ho ya ka mesebetsi ya hae, a sa ye ka tshobotsi, eka kgona le phele ka tshabo nakong ya bojaki ba lona mona lefatsheng.