Dipesaleme 146:9 - BIBELE9 Morena o sireletsa bajaki, o thusa kgutsana le mohlolohadi, athe merero ya ba kgopo o a e nyopisa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)9 Jehova o sireletsa baditjhaba, o emisa kgutsana le mohlolohadi; empa o kgelosa tsela ya ba bolotsana. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Bo-Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, ba re ho yena: “A re hlomeng sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme hosasane o bue le kgosi hore Moredekai a fanyehwe ho sona, ebe jwale o ya moketeng le kgosi, ho ya ithabisa.” Taba ena ya kgahla Hamane, a ba a re ho hlongwe sefate seo ho fanyehwang batho ho sona.
Le thabe kapele ho Morena Modimo wa lona: lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi ba ahileng kahara metse ya lona, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba hara lona, le le sebakeng se tla kgethwa ke Morena Modimo wa lona, hore a dule ho sona.