Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 146:8 - BIBELE

8 Morena o tutubolla mahlo a difofu. Morena o phahamisa ba kgokgopaneng; Morena o rata ba lokileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jehova o tutubolla mahlo a difofu; Jehova o emisa ba inamisitsweng; Jehova o rata ba lokileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 146:8
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o lokile, mme o rata tse lokileng; ba pelo di ntle ba tla bona fahleho sa hae.


Morena o tshehetsa bohle ba wang, o phahamisa bohle ba kgokgopaneng.


Morena o phahamisa ba eisehang, ba kgopo o ba dihela fatshe.


Mahlo a difofu a tla tutubollwa, ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe;


Ke tla tsamaisa difofu ka tsela eo di sa e tsebeng, ke di tataise tseleng eo di sa e tlwaelang; lefifi ke tla le fetola lesedi kapele ho tsona, ke batalatse baka tse makukuno. Tsena ke ntho tseo ke tla di etsa, mme ha nka ke ka tlohela ho di etsa.


“Mamelang, lona bo-tsebetutu! Tadimang le bone, lona difofu!


Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.


Yaba mahlo a tsona a a bona. Jesu a di laya, a re: “Hlokomelang, ho se be motho ya ka tsebang!”


hobane Ntate ka sebele sa hae o a le rata, kaha le nthatile, mme le dumetse hore ke tswa ho Modimo.


O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”


Empa Modimo ya kgothatsang ba eisehang o ile a re kgothatsa ka ho tla ha Tite;


Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi,


E, ruri tjhaba sa hae o a se rata, bahalaledi ba hae bohle o a ba sireletsa. Ba dutse fatshe, maotong a hae, ba mametse mantswe a taelo tsa hae.


Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ