Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 146:4 - BIBELE

4 Hoba a neele moya, motho o kgutlela mobung; ka lona tsatsi leo merero ya hae e a fela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Phefumoloho ya bona ha e fela, ba kgutlela leroleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ya bona e fedile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 146:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Modimo a bopa motho ka lerole le tswang mobung; ka dinkong tsa hae a budulela moya wa bophelo, mme motho ya eba sebopuwa se phelang.


O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”


“Ke tla tlisa morallo wa metsi ho kwahela lefatshe, ho timetsa tsohle tse phelang, tse tlasa lehodimo. Tsohle tse lefatsheng di tla timela.


Empa motho yena o a shwa, a fellwe ke matla, a neele moya, ebe jwale o kae?


Ha bara ba hae ba tlotlwa, yena ha a tsebe le letho, le teng ha ba kokobetswa, yena ha a bone le letho;


“Moya wa ka o tetebetse, matsatsi a ka a kgutsufetse, bitla le lona le nkemetse.


Matsatsi a ka a fetile, merero ya ka e nyopile; takatso tsa pelo ya ka le tsona di nyopile.


ha feela nna ke sa ntsane ke phela, ke ntse ke phefumoloha moya wa Modimo,


Ha o ipata sefahleho, di a tshoha; ha o di amoha moya wa hao, di a shwa, di boele di kgutlele leroleng.


Morena o nyopisa merero ya ditjhaba, o folodisa mehopolo ya merabe.


O kgutlisetsa motho leroleng, o re: “Kgutlang, bana ba batho.”


lerole le eso busetswe leroleng, moya o kgutlela ho Modimo, Mofani wa wona.


Lerato le lehloyo le lefufa la bona, tsena tsohle di timetse le bona; ha ba ka ke ba hlola ba eba le kabelo ho tsohle tse etswang mona lefatsheng.


Kgaotsa ho tshepa motho, motho ya phefumolohang feela. Hona motho e ne e le eng?


Motlotsuwa wa Morena, eo re phelang ka yena, o ila wela mameneng a bona; yena eo re neng re bua ka yena, re re: “Tlasa moriti wa hae re tla phela hara baditjhaba!”


O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.


Leha ho le jwalo, re bua tsa bohlale hara ba hodileng tumelong, empa hase tsa bohlale ba lefatshe lena, kapa ba babusi ba lefatshe lena ba shwang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ