5 Batho ba tla bolela kganya ya tlotla ya hao, nna ke nahane dimakatso tsa hao.
5 Ke tla nahana bokgabane le kganya ya boholo ba hao, le diketso tse hlollang tsa hao.
Mantsiboya Isaka a ya naheng ho ya imamela, mme eitse ha a phahamisa mahlo, a tadima, a bona dikamele di etla.
Mmineleng, mmineleng difela, le boledise mesebetsi ya hae yohle e hlollang.
Mmineleng, le mo roke, le nahane dimakatso tsa hae tsohle.
Mosebetsi wa hae o bonahatsa tlotla le botlotlehi, ho loka ha hae ho teng kamehla yohle.
Nthute, ke utlwisise tsela ya ditaelo tsa hao, ke tle ke nahane dimakatso tsa hao.
Leleme la ka le tla bolela tsa ho loka, le bolele tsa ho loka ha hao kamehla, ba ntakaletsang bobe ba tlontlolohe, ba tlontlolohe, ba ferekane.
Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, e leng yena a inotshi ya etsang dimakatso.
Bolelang tsa tlotla ya hae hara ditjhaba, le dimakatso tsa hae hara merabe yohle.
Mohla tsatsi leo, le tla re: “Lebohang Morena, le mo rapele, phatlalatsang mesebetsi ya hae hara ditjhaba, le bolele hore bitso la hae le leholo.
“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”
“Ke tla phatlalatsa lebitso la Morena; lona le thoholetse boholo ba Modimo wa rona.