Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 145:19 - BIBELE

19 O phetha ditakatso tsa ba mo tshabang, o utlwa sello sa bona, mme o a ba pholosa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O fa ba mo tshabang ho ratwang ke bona, o utlwa mehoo ya bona, mme o a ba lopolla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 145:19
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.


A ke a hopole dinyehelo tsohle tsa hao, a thabele ditjheso tsa hao.


Sefahleho sa Morena se sosobane, se sosobanetse ba etsang bobe, hore a ba hlakole lefatsheng, ba se hlole ba hopolwa.


Ha ba lokileng ba lla, Morena o a ba utlwa; o ba lopolla matshwenyehong wohle a bona.


Latswang, le utlwe molemo wa Morena! Ho lehlohonolo motho ya tshabelang ho yena.


Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong nakong tse mpe, matsatsing a tlala ba tla kgora.


Thabela Morena, mme o tla o nea tse lakatswang ke pelo ya hao.


Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise.


Morena o emeletse thoko, thoko le ba kgopo, thapelo ya ba lokileng o e sekehela tsebe.


Ho lehlohonolo ba lapetseng ho loka, ba ho nyoretsweng, hobane ba tla kgotsofatswa.


a kgorisa ba lapileng ka tse molemo, a kgutlisa ba ruileng ba se na letho,


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.


Ha le dula ka ho nna, le dipolelo tsa ka di dula ka ho lona, kopang seo le se batlang, mme le tla se newa.


Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.”


Jwale, kaha re tseba hore o a re utlwa ha re kopa, re a tseba hore tseo re di kopang ho yena e se e ntse e le tsa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ