4 Motho o tshwana le lefeela, ditshiu tsa hae di jwaloka moriti o fetang.
4 Motho o tshwana le pudulo, mme matsatsi a hae a ka leswiti le fetang.
Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.
Mahlong a hao re baeti le bajaki, jwaloka bo-ntata rona bohle. Matsatsi a rona, lefatsheng mona, a jwaloka seriti, mme ha ho ya nang le tshepo.
a ka tshepa jwang ba meqhemeng ya makwete, ba bopilweng ka role la lefatshe, ba phetshelwang habonolo jwaloka tshwele?
Rona ba maobane re hloka tsebo; matsatsi a rona ho lena lefatshe a ka moriti ha o falola.
ka baka la bohale le kgalefo ya hao; hobane o ile wa mphamola, wa nto ntabanya!
Ke ikela jwaloka meriti e theang, ke fefolwa jwaloka tsie.
Mphemise dikotlo tsa hao, letsoho la hao le nqetile.
Mo tshepeng ka dinako tsohle, mo tshepeng lona tjhaba sa heso, mmuleleng difuba tsa lona. Modimo ke setshabelo sa rona.
Morena, o tla ipata ho fihlela neng? Kgalefo ya hao e tla tuka, e tuke jwaloka mollo ho fihlela neng?
Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.
“Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti; “lefeela la mafeela, tsohle ke lefeela!”
“Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti, “tsohle ke lefeela!”
Empa ya kgopo a ke ke a phela hamonate, le matsatsi a bophelo ba hae a ke ke a lelefala jwaloka seriti, hobane yena ha a tshabe Modimo.