Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 144:13 - BIBELE

13 Mediko ya rona e ke e tlale, e tsholohe dijo tsa mefutafuta. Manku a rona a ke a ate ka dikete, e be diketekete makgulong a rona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 mediko ya rona ha e tletse dijo tsa mefuta yohle; makgomo a rona ha a atile ka dikete, a fula metebong ya rona ka mashome a dikete;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 144:13
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le tla ja thoko eo le tla e tlohela ha kotulo e ntjha e fihla.


Nako ya lona ya ho pola e tla be e fihlelwe ke nako ya ho kotula morara; le nako ya ho kotula morara e be e fihlelwe ke ya ho lema. Le tla ja dijo tsa lona, le kgore, le phele naheng ya lona ka boiketlo.


Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.


“Bana ba hao ba tla hlohonolofatswa, le ditholwana tsa naha ya heno, le tswala ya diphoofolo tsa hao, le manamane a dikgomo tsa hao, le tswala ya mehlape ya hao.


“Morena o tla hlohonolofatsa disiu tsa hao, le tsohle tseo o di etsang; a o hlohonolofatse naheng eo Morena Modimo wa hao a o neang yona.


O ile a le kokobetsa, a le bolaisa tlala, a le fepa ka manna ao lona le bo-ntata lona le neng le sa a tsebe, hore le tle le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela, empa o phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ