Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 142:5 - BIBELE

5 Ke tadima ka tsohong la ka le letona: Ha ho ya ntsotellang; ha ho moo nka tshabelang teng, ha ho motho ya nnatsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jehova, ke nyolosetsa mehoo ya ka ho wena, ke re: O setshabelo sa ka, o kabelo ya ka lefatsheng la ba utlwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 142:5
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena, ke itse kabelo ya ka ke ho mamela mantswe a hao ke a mamele ka hloko.


Morena, ke wena lefa la ka le mohope wa ka; tseo ke nang le tsona di tswa ho wena.


Ruri Morena o tla ntswela molemo, a ntswele molemo lefatsheng la ba phelang.


Batho ba mputsa ka bobe bakeng sa botle, moya wa ka o qetwa ke bodutu.


Sefela sa bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: Se binwe ka lentswe le lesesanyane.


“Kgaotsang, le tsebe hore nna ke Modimo, ke tla okamela ditjhaba, ke okamele lefatshe.”


Ditjhaba di a befa, mebuso e a sisinyeha; ha a kgaruma, lefatshe le a qhibidiha.


Modimo, dikano tsa ka ho wena di ntlamile; ke tla o nyehella ka mahlabelo a teboho,


Leha mmele wa ka le pelo ya ka di ka fela, Modimo ke lefika la ka le kabelo ya ka kamehla.


o re ho Morena: “O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”


Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng: Ka bona meokgo ya ba hatellwang, feela bona ba se na motshedisi; bahatelli ba bona ba ena le matla, feela ba hatellwang ba se na motshedisi.


Ka pelong ya ka nna ke re: “Morena ke yena kabelo ya ka, kahoo ke itshepetse yena feela.”


Bonang, nako e a tla, mme e se e fihlile, ya hore le qhalane, e mong le e mong a ye ha hae, mme le ntshiye ke le mong; feela ha ke mong, hobane Ntate o na le nna.


Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ