Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 142:1 - BIBELE

1 Pesalema ya Davida ha a le ka lehaheng. Thothokiso e nang le thuto; thapelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka; ke rapela Jehova ka lentswe la ka la thapedisiso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 142:1
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.


Pesalema ya Davida. Morena, ke ipiletsa ho wena, ako mpotlakele; sekehela lentswe la ka tsebe, ha ke ipiletsa ho wena.


Ako utlwe thapedi ya ka, ha ke o llela, ke phahamiseditse matsoho a ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa.


Morena, ka mohau wa hao o ntshireleditse qhobosheaneng; yare ha o mpatela fahleho sa hao, ka tshoha haholo.


Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Ho lehlohonolo ya tshwaretsweng tlolo ya hae, eo sebe sa hae se hlakotsweng.


Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Pesalema ya Davida.


Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Davida a neng a etswa lehaheng, a baleha Saule.


E ne e le batho bao lefatshe le sa ba tshwaneleng. Ba ile ba lelera mafeelleng le dithabeng, mahaheng le matsabeng a lefatshe.


Yaba Saule o fihla masakeng a dinku, a pela tsela, moo ho neng ho ena le lehaha teng; a kena ka lehaheng leo ho ya ithoma. Davida le banna ba hae ba ne ba keneletse kgotjheletsaneng ya lehaha.


Jwale banna ba Davida ba re ho yena: “Lena ke lona letsatsi leo Morena a neng a bue ka lona ho wena, a re: ‘Bona, ke tla neelana ka sera sa hao matsohong a hao, mme o tla iketsetsa borata ka sona.’ ” Yaba Davida o ema ka lenyele, o seha qola ya seaparo sa Saule.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ