Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 141:5 - BIBELE

5 Ho molemo ha ke otlwa ke ya lokileng, ke kgalemelwa ke yena; hoo ke ole eo hlooho ya ka e ke keng ya e hana, ke tla nne ke rapele leha ba kgopo ba ntshwenya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 141:5
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!” Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”


Morena, ako etse tse molemo, o di etsetse ba lokileng, le ba pelo di ntle.


O ntokisetsa dijo mahlong a dira tsa ka; o nkamohela ka ho ntlotsa hlooho ka ole, le ka ho tlatsa mohope wa ka haholo.


Ha o kgahlwe ke mahlabelo; leha nka o nyehella ka setjheso, o ke ke wa se amohela.


Ya ratang ho lauwa o rata tsebo, ya hloileng ho kgalengwa ke phoofolo ya naha;


Ya sa rateng dikeletso merero ya hae e a nyopa, ya eletswang ke ba bangata yena o a atleha.


Sethoto se nyedisa thuto ya ntata sona, athe ya ratang kgalemo yena o a hlalefa.


Shapa mosomi, ya se nang tsebo a tle a hlalefe; kgalema ya hlalefileng, yena o tla fumana tsebo.


Ho kgalengwa ke motho ya bohlale, tsebeng e lethwethwe ke lesale, ke mokgabo wa kgauta e hlwekisitsweng.


Taelo ke lona lebone, thuto ke lona lesedi, kgalemo ke bona bophelo,


Ho molemo ho mamela kgalemo ya mohlalefi, ho ena le ho mamela pina ya dithoto.


“ ‘O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae.


Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang,


Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ