Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 141:1 - BIBELE

1 Pesalema ya Davida. Morena, ke ipiletsa ho wena, ako mpotlakele; sekehela lentswe la ka tsebe, ha ke ipiletsa ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova, ke bitsa ho wena, o phakise ho tla nthusa! o sekehele lentswe la ka tsebe, ha ke bitsa ho wena!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 141:1
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”


Pesalema ya Davida. Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe; o nkarabe ka baka la botshepehi ba hao, le ka baka la ho loka ha hao.


Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng.


ba arolelana diaparo tsa ka, ba laola aparo sa ka ka lotho.


Ako utlwe thapedi ya ka, ha ke o llela, ke phahamiseditse matsoho a ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa.


Ke aparetswe ke ditlokotsi, tlokotsi tse ke keng tsa balwa, melato ya ka e ntshwere, e ntshwere hoo ke sitwang le ho sheba, e mengata ho feta qoba tsa moriri wa ka, pelo ya ka e nyahame.


Oho, Modimo, ako ntopolle; oho, Morena, ako potlakele ho nthusa.


Bohle ba o batlang ba ke ba nyakalle, ba o thabele. Ba ratang ho pholoswa ke wena ba nne ba re: “Modimo o moholo!”


Modimo, se be hole le nna, Modimo wa ka, ako potlakele ho nthusa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ