Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 140:9 - BIBELE

9 Morena, se dumelle ditakatso tsa ya kgopo, se dumelle hore di phethahale, le hore merero ya hae e atlehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba ntikang a ba ke ba welwe ke ditshokelo tse tswileng melomong ya bona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 140:9
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bo-Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, ba re ho yena: “A re hlomeng sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme hosasane o bue le kgosi hore Moredekai a fanyehwe ho sona, ebe jwale o ya moketeng le kgosi, ho ya ithabisa.” Taba ena ya kgahla Hamane, a ba a re ho hlongwe sefate seo ho fanyehwang batho ho sona.


Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.


Empa Modimo o ba fula ka metsu ya hae, o ba hlaba ka ho ba tsometsa.


O tjhekile lemena, a le tebisa, a wela hona lemeneng leo a le tjhekileng.


O tla ba buseletsa bokgopo ba bona, a ba timetse ka baka la bobe ba bona. Morena Modimo wa rona, o tla ba timetsa.


Polelo tsa ya lokileng ke diba sa bophelo, athe tsa ya kgopo tsona di kwetlile bosoro.


Mahlohonolo a aparela ba lokileng, polelo tsa ya kgopo di kwetlile bosoro.


Motho ya kgopo puo tse mpe tsa hae di a mo kgata, empa ya lokileng yena o phema tsietsi.


Sethoto se timetswa ke dipuo tsa sona, se tshwaswa ke leraba la polelo tsa sona.


Setjhaba sohle sa arabela, sa re: “Madi a hae a botswe rona le bana ba rona!”


hoja ha ke tswafe ho thabisa sera, sa tshoha se ithorisa, se re: Ke ka matsoho a rona re ba hlotseng, hase Morena ya entseng tsena tsohle.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ