6 Tsebo ena e makatsang e a mpheta; e tebile hoo nke keng ka e fihlela.
6 Tsebo eo ke mohlolo ho nna; e phahamile haholo, ke sitwa ho e fihlela.
Tsena ke dinyane feela tsa matla a hae, tse bolelwang ka yena ke lehweshehweshe; boholo ba matla a hae bo ka utlwisiswa ke mang?”
O ila botsa, wa re: ‘Ya sitisang merero ya ka a se na tsebo, ke mang?’ Ke kahoo ke reng: ‘Ke buile ka tseo ke sa di utlwisiseng, tse makatsang haholo hoo ke sa di tsebeng.’
Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
Ho lehlohonolo motho ya tshepang, ya beileng tshepo ya hae ho Morena, ya sa kgemeng le baikakasi, le ba kgeloswang ke mashano.
“Ntho di tharo tse mmakatsang haholo, e, di nne tseo ke sa di tsebeng:
Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang!