Jehu, mora wa Hanani wa moporofeta, a ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho kgosi Jehoshafate: “Na ke hantle ho thusa batho ba kgopo, le ho rata ba hloileng Morena? Ka baka leo, Morena o o halefetse.
Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe.
A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.
o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le boikgathatso ba hao, le tiisetso ya hao, le hore ha o ka ke wa mamella ba kgopo. O ile wa hlahloba ba reng ke baapostola, empa e se bona, mme wa fumana hore ba leshano.