17 Modimo, mehopolo ya hao e thata hakaakang! Palo ya yona e kgolo hakaakang!
17 Modimo, mehopolo ya hao e ntshita hakakang! Palo ya yona e kgolo hakakang!
Mantsiboya Isaka a ya naheng ho ya imamela, mme eitse ha a phahamisa mahlo, a tadima, a bona dikamele di etla.
Ba buang leshano ba fetohe dimumu, baikakasi bana ba buang hampe ka ya lokileng, ba ikgohomosetsang yena, ba mo nyedise.
ho loka ha hao ho jwaloka thaba tse telele, dikahlolo tsa hao di jwaloka bodiba, bodiba bo tebileng: Morena, o pholosa motho le yona phoofolo.
Ho lehlohonolo motho ya tshepang, ya beileng tshepo ya hae ho Morena, ya sa kgemeng le baikakasi, le ba kgeloswang ke mashano.
Morena Modimo wa ka, o re etseditse tse kgolo, e leng mesebetsi ya hao e makatsang, le merero ya hao e makatsang; ha ho ya ka lekanngwang le wena. Ha nka rata ho e bolela le ho e phatlalatsa, e mengata hoo e ke keng ya balwa.
Wena Morena, o nthabisitse ka diketso tsa hao; mesebetsi ya diatla tsa hao ke e etsetsa ditlatse.
ke thabetse lefatshe e le la hae, ke thabetse le batho a ba bopile.
Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.