Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 139:1 - BIBELE

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Morena, o ntlhahlobile, o a ntseba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova, o ntekile, mme o ntsebile,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 139:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ekaba Davida a ka hlola a sa reng ho wena? Ke wena ya tsebang mohlanka wa hao, oho, Morena Modimo!


o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele, o ba thuse. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng, hobane ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho bohle;


“ ‘Feela ke tseba leaho la hao, ke tseba mesebetsi ya hao le ho mpurumela ha hao.


“Ekaba Davida a ka hlola a reng ho wena, ha o hlomphile mohlanka wa hao? Ke wena ya tsebang mohlanka wa hao!


“Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!


Ntlhahlobe, Modimo, o tsebe pelo ya ka; o nnonye maikutlo, o tsebe mehopolo ya ka;


O hlahlobile pelo ya ka, wa ntlhwela le bosiu, wa nnonya, empa ha wa fumana letho le kgopo; ha ke a bua tse mpe jwaloka ba bang.


Hoja re ne re lebetse lebitso, lebitso la Modimo wa rona, re phahamisitse matsoho a rona, re a phahamiseditse modimo osele,


Wena Morena, o ntseba hantle, o a mpona, o lekola menahano ya ka mabapa le wena. Ba hule sa nku e iswa tlhabong! Wena o ba beele kathoko, bakeng sa tsatsi la tlhabo ba beele kathoko.


A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?” Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka!


Ha ho sebopuwa se ka patehang pela hae; tsohle di pepeneneng, di bonahala mahlong a hae, yena eo re tla ikarabella ho yena.


“Ngolla moruti wa kereke e Thiatira, o re: “Tsena di bolelwa ke Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a kang malakabe a mollo, le maoto a hae a benyang jwaloka lethose,


Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ