Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 138:8 - BIBELE

8 Morena o tla phetha seo a ntheretseng sona. Morena, mohau wa hao ke wa kamehla yohle; o se lahle mosebetsi wa diatla tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jehova o tla phetha tsohle sebakeng sa ka. Jehova, mohau wa hao ke o sa feleng. O se ke wa tlohela mesebetsi ya matsoho a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 138:8
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo?


“ ‘Kahohlehohle ke bopilwe ke matsoho a hao, empa jwale ke se ke timetswa ke wena!


O no tla mpitsa, nna ke arabele, o hlolohelwe mmopo wa matsoho a hao.


Tsebang hore Morena ke Modimo, o re bopile, mme re ba hae; re setjhaba sa hae, mohlape wa makgulo a hae.


Morena o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle, botshepehi ba hae ke bo isang melokong yohle.


Empa mohau wa Morena, ho ba mo tshabang, ke wa kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello; le ho loka ha hae ho fihla le ditlohotloholwaneng tsa bona,


Haleluja! Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Nkgauhele, oho, Modimo nkgauhele, hobane ke tshabela ho wena. Ke tshabela moriting wa mapheo a hao, ho fihlela koduwa e ba e feta.


Ke ipiletsa ho Modimo, Ya Hodimodimo, yena Modimo ya nketsetsang tsohle.


Morena, o re theela kgotso, hoba mesebetsi yohle ya rona e phethilwe ke wena.


Ke tla tsamaisa difofu ka tsela eo di sa e tsebeng, ke di tataise tseleng eo di sa e tlwaelang; lefifi ke tla le fetola lesedi kapele ho tsona, ke batalatse baka tse makukuno. Tsena ke ntho tseo ke tla di etsa, mme ha nka ke ka tlohela ho di etsa.


Setjhaba seo ke ipopetseng sona, se tla ntumisa ka dithoko.”


Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng ditholwana, o a le poma, mme le leng le le leng le behang ditholwana, o a le faola, hore le tle le behe ditholwana tse ngata ho feta.


Haeba re boelantswe le Modimo ka lefu la Mora wa hae, ha re ne re sa ntse re le dira tsa Modimo, re tla pholoswa ho feta hakaakang ka bophelo ba Kreste, ha re se re boelantswe le Modimo!


Ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi ona o motle hara lona o tla o ntshetsa pele ho fihlela Letsatsing la ho tla ha Kreste Jesu.


Ya le bitsang o a tshepahala, mme hona o tla ho etsa.


Ha ho le jwalo he, ba hlokofatswang ho ya ka thato ya Modimo ba ipee paballong ya Mmopi ya tshepahalang, ka ho etsa tse ntle.


Nna Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke a le dumedisa, lona ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, mme ba bolokwa ke Jesu Kreste, ke re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ