Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 138:5 - BIBELE

5 Di tla rorisa ditsela tsa Morena, di re: “Tlotla ya Morena e kgolo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 a tla roka ditsela tsa Jehova, hobane kganya ya Jehova e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 138:5
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E kopile bophelo ho wena, mme o e file bona, wa e ekeletsa ditshiu, kamehla le mehla.


“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?


Bahlanka ba ka ba tla bina, ba bine hobane pelo di nyakaletse; empa lona le tla lla, le lliswe ke pelo tse bohloko, le bokolliswe ke ho tubeha ha meya ya lona.


Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho.


Jesu a bua tsena, mme a lelaletsa mahlo lehodimong, a re: “Ntate, nako e fihlile; tlotlisa Mora wa hao, hore Mora a tle a o tlotlise,


Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.


e le hore ka rona, bao re bileng ba pele ho tshepa Kreste, ho tle ho bonahatswe tlotla ya Modimo.


e le hore re rorise mohau o tlotlehang wa hae, oo a re hauhetseng ka wona, ka Mora wa hae ya ratwang.


Kamorao ho tsena ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi le buang lehodimong, le re: “Haleluja! Tlholo, le tlotla, le matla ke tsa Modimo wa rona,


“Ho a o lokela, wena Morena le Modimo wa rona, ho amohela tlotla, le hlompho, le matla, hobane ke wena ya hlodileng dintho tsohle, ke ka thato ya hao di leng teng, di hlodilweng.”


a re: “Amen. Thoriso, le tlotla, le bohlale, le teboho, le hlompho, le borena, le matla di ke di be ho Modimo wa rona kamehla le mehla! Amen.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ