Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 138:2 - BIBELE

2 Ke kgumama ke shebile Tempeleng, Tempeleng ya hao e halalelang, ke boka lebitso la hao ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao; o tumisitse lebitso la hao le tshepiso ya hao ho feta tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ke o kgumamele pela ntlo ya hao e halalelang, ke roke lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao, hobane o phethile dipallo tsa hao ka diketso tse fetisang botumo ba hao kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 138:2
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba kgosi e re: “Ho ke ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya phethahaditseng seo a neng a se tshepise Davida, ntate, ka molomo wa hae, a re:


“Jwale Morena o phethahaditse polelo eo a neng a e bue. Ke tswetswe tlung ya Davida, ntate; ke dutse teroneng ya Iseraele jwalokaha Morena a ne a tshepise, mme ke hahetse Morena Modimo wa Iseraele Tempele.


O bolokile tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate. O bile o ne o bue ka molomo wa hao, mme ka letsatsi lena o e phethahaditse ka matla a hao.


O se ke wa re nea tlotla, Morena, o se ke wa e nea rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao.


Ako utlwe thapedi ya ka, ha ke o llela, ke phahamiseditse matsoho a ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa.


O timetsa ba leshano; Morena o nyonya babolai le bathetsi.


Empa nna nka kena tlung ya hao, ka baka la boholo ba mohau wa hao. Ke tla o kgumamela ka tshabo, ka Tempeleng ya hao e halalelang.


Ha ke ipiletsa ho wena, dira tsa ka di tla tjhetjha. Ke a tseba hore Modimo o na le nna.


Wena Ya Hodimodimo, mohla ke tshohileng, ke tla tshepa wena.


Ruri ho pholosa ha hae ho haufi le ba mo tshabang, e le hore tlotla ya hae e tle e ahe fatsheng la rona.


Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi.


Phafang Morena, Modimo wa rona, le itihele bonamelong ba maoto a hae: O a halalela.


Phafang Morena Modimo wa rona, le mo kgumamele thabeng, thabeng ya hae e halalelang; hobane Morena Modimo wa rona, o a halalela.


Ho kgahlile Morena ka baka la ho loka ha hae, hore Molao wa hae o be moholo, o tlotlehe.


Ke tla bolela tsa rato la Morena le sa feleng, le ketso tseo a lokelang ho di rorisetswa, ho ya ka tsohle tseo a re etseditseng tsona, melemo e meholo ho ba ntlo ya Iseraele, eo a ba abetseng yona ho ya ka mehauhelo ya hae, le ho ya ka ketso tsa hae tsa lerato, tse ngata.


Hoba Daniele a utlwe hore taelo e jwalo e entswe, a ya lapeng ha hae. Difesetere tsa kamore ya hae e kahodimo di ne di bulehile, di shebile nqa Jerusalema. A kgumama fatshe hararo ka letsatsi, a rapela, a leboha Modimo wa hae, jwalokaha a ne a nnile a etsa pele ho moo.


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”


Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.


hobane Molao o neilwe batho ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.


Bao lentswe la Modimo le tlileng ho bona, Molao o ba bitsa medimo, mme Mangolo ha a ka ke a etsollwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ