1 Pesalema ya Davida. Morena, ke o boka ka pelo ya ka yohle, ke o roka pontsheng ya mangeloi.
1 Ke tla o rorisa ka pelo ya ka yohle, ke o roke pela medimo;
Haleluja! Ke tla boka Morena ka pelo ya ka yohle, ke le phuthehong ya ba lokileng.
Ke tla bua ka ditemoso tsa hao, ke bue ka tsona kapele ho dikgosi, ke sa hlajwe ke dihlong.
Tsoha, moya wa ka; tsohang, lona thomo le harepa; ke tla tsoha mafube a eso hlahe.
Pesalema ya Asafo. Modimo o dutse lekgotleng la bomodimo, o ahlola a le hara baahlodi.
Ke ile ka re: “Le medimo, lona bohle le bana ba Ya Hodimodimo;
Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka lentswe le lesesanyane.
Morena, ke o boka ka pelo ya ka yohle, ke bolela dimakatso tsohle tsa hao.
Morena ke Modimo e moholo, ke kgosi e kgolo, e phahametseng medimo yohle.
Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle.
“O se ke wa nyefola Modimo, mme o se ke wa rohaka mmusi wa setjhaba sa heno.
Paulosi a re: “Bana beso, ke ne ke sa tsebe hore ke Moprista e Moholo, hobane ho ngotswe, ho thwe: ‘O se ke wa bua mmusi wa setjhaba sa heno hampe.’ ”
Ke etse jwang? Ke tla rapela ka moya, ke be ke rapele le ka kelello. Ke tla bina ka moya, ke be ke bine le ka kelello.
Kgothatsanang ka dipesalema, difela le dipina tse halalelang; rokang Morena, mme le mminele dipesalema ka dipelong tsa lona.
Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?